MAWA A KA LATELWANG KA NAKO YA KOMELLO
SELELEKELA
Afrika Borwa e tsebahala haholo ka dikgaolo tsa yona tse fapaneng tsa tlelaemete tse dumellang ho fapafapana tlhahisong ya tsa temo. Le ha ho le jwalo, naha ena ka kakaretso e omme/e batla e omme ka ha e fumana palohare ya pula e etsang 500mm ka selemo ha e bapiswa le lefatshe lohle ka paloyohle ya 800mm ka selemo. Ho fapana ha tlelaemete ke ntho ya tlhaho, empa diphuputso di supile hore sentjhuring e sa tswa feta ho bile le keketseho ya greenhouse gases ka baka la mesebetsi e etswang ke batho e jwalo ka ya industrialization, deforestation, jwalojwalo. Diphumano tsa diphuputso tse neng di tsepamisitse maikutlo haholo hodima mokgwa wa ho fapana ha tlelaemete Afrika e ka Borwa di supa hore themperetjhara ya moya hodima Afrika Borwa e tla eketseha ka tekanyo ya 1,5-4? C setjhuring e tlang. Hona ke tshoso e mpe haholo ntshetsopeleng e tswellang, mme ho tla ama batho, ikonomi ya lefatshe le bokgabane ba tikoloho ka ha ho bolela hore ho tla ba le maemo a seng matle haholo a lehodimo a jwalo ka komello le dikgohola hara rona.
Afrika Borwa e arotswe mabatowa a mararo a maholo a pula: lebatowa la pula ya mariha le ka borwa-bophirima, tikoloho e nang le pula selemo sohle ho ya lebatoweng le ka borwa le tikoloho ya pula ya selemo sebakeng se setseng sa naha. Ho se ho bonwe phokotseho ya pula ho tswa dikarolong tsa botjhabela ho ya bophirima tsa naha. Pula ya Afrika Borwa e fapana haholo mme e etsa hore e be le dihlahiswa tse mmalwa tsa temo.
Temo e kenyelletsa tshebetso tsohle tsa ikonomi ho tswa phanong ya dihlahiswa tsa temo ho ya keketsong ya boleng mme e dula e ntse e le mokga wa bohlokwa Ikonoming ya Afrika Borwa le ha e na le seabo se senyane palong yohle ya dihlahiswa tsa naha (Gross Domestic Product - GDP). Basebetsi ba mapolasing, balemi-rui le ba malapa a bona le bona ba kenya letsoho ikonoming ha ba sebedisa meputso ya bona hodima thepa le ditshebeletso tsa basebedisi, kapa ha ba reka dintho tse tla sebediswa bakeng sa tlhahiso. Ka tsela ena temo e ba mokga o kenyang letsoho haholo kgolong le ntshetsopeleng. Sephetho sa maemo a mabe haholo a lehodimo le tlelaemete se tla ba le sekgahla se seng setle dihlahisweng tsa temo ka metsi a emang mobung le komello e tlang kgafetsa hara kodua tse ding tse tla etsa hore ho se kgonahale ho fihlela poelo e ntle e be hoo ho baka bofuma malapeng a itshetlehileng ka botlalo temong.
Komello eo Afrika e ka Borwa e e boneng ho tloha ka 2002 ho fihlela jwale e mpa e le mohlala feela wa sephetho sa tleleamete e fetohang dilemong tse ngata tse tlang, mme e ka bolela hore ho tla ba le dihlahiswa tsa temo tse mmalwa hara tse ding. Molao wa Taolo ya Kodua (Molao wa No. 57, 2002) hape o etsa boipiletso ba hore ho tsepamiswe maikutlo haholo thibelong le phokotsong ya dikodua ka ho sebedisa boemo ba tlhahisoleseding ya lehodimo le tlelaemete, hara tse ding.
ADRM e ntse e ngola ditataiso tsa kgwedi le kgwedi tse nang le maano bakeng sa balemi hore ba di sebedise ka baka la maemo a leng teng a ha jwale a tlelaemete. Ho ile ha elwa hloko hore maano ana a lokelwa ho matlafatswa mme a hlahiswe ka dipuo tsohle tsa semmuso hore a tle a utlwisiswe ke bohle ba tla a sebedisa.
Hona ho latelang ke maano ao balemi-rui ba ka a sebedisang ka nako ya komello:
Kgetho ya mobu:
Kgetha mofuta o nepahetseng wa mobu moo dimela di tla lengwa teng, mohlala, mobu wa lehlabathe bakeng sa poone le mobu wa letsopa bakeng sa sorghum jj.
Kgetha masimo a nang le dibaka tse theosang bakeng sa ho fokotsa metsi a tla phalla.
Tokiso ya mobu:
Qoba, ka ho ya ka moo o ka kgonang, mobu o nang le dipane tsa ho lema tse phatlaladitsweng
Sebedisa sesehi ho roba dipane tsa ho lema mme o eketse bokgoni ba methapo ba ho fihlela metsi le phepo e ntle e bolokilweng
O se ke wa atolosa mobu tlasa tlhahiso ya kotulo ka ho sa hlokeheng
Etsa mobu hore o be mahwashe ho fokotsa moyafalo
Sebedisa mekgwa ya paballo ya ho lema, mohlala, ho se leme, ho lema hanyenyane, jwalojwalo.
Theosa ho teteana ka ho fokotsa ho feta ha metjhini e boima masimong. Hona ho ka fihlelwa ka ho sebedisa disebediswa tse tshwanetseng tsa mofuta o itseng wa mobu.
Kgetho ya dimela le ho lema:
Kgetha dimela tse kgonang ho emela komello
Jala o se ke wa kenya peo ya poone mobung o tebileng kapa peo e lenngweng moo ho tebileng e tla nka nako ho hlahella ka hodimo ho ena le peo e lenngweng moo ho sa tebang.
Fana ka mokgwa o fetohang le mabaka le ho fapafapana ha dimela ka ho sebedisa dimela tse tswakilweng ho ena le semela se le seng, mohlala, jala poone le dinawa tse ommeng tshimong e le nngwe. Hona ho tla thusa molemi ho una molemo semeleng se seng ha se seng se ka shwa.
Sebedisa mokgwa o tlwaelehileng wa ho lema ha ho tshwaneleha mme o latele dipehelo tsa maemo a lehodimo le a tlelaemete kgafetsa. Etsa merero bakeng sa dimela tsa sehla se sekgutshwane, mohlala, sunflower.
Nahana ka dimela tse hasanang nakong ya dibeke
O se ke wa leka ka dimela tse sa tsejweng mme hape o qobe ho beeletsa ditjhelete ho sa hlokeheng
Ka mehla tjhentjha dimela tsa hao
Taolo ya dimela:
Lokisa ho teteana ha dimela ka nepo
Nahana ka lema dijalo tse kwahelwang le tse sireletswang bakeng sa ho fokotsa moyafalo
Hlaola lehola kgafetsa
Nahana ka leano la boholoholo la menontsha
Nahana ka menontsha ya tlhaho
Kgafetsa batla dikokwanyana le mafu
Itlwaetse mekgwa ya ho boloka metsi, mohlala, ka ho aha di-basin, di-contour, le di-ridges.
Balemi-rui ba lemang poone ba tshwanetse ho ela hloko mehato e latelang ya poone:
Ho lema ho hlahellang :
Lema mobung o sa tebang ka ha dimela tse lenngweng moo ho tebileng di hlahella ka tlasa mobu o ka hodimo e be di a shwa.
Qoba menontsha e mengata haufi le semela ka ha hona ho ka baka ho tjha ha semela
Mohato wa kgolo ya dimela:
Ka mora ho hlaha, semela se tla ya mehatong ya ho hlaha mahlaku. Hore semela sa poone se phethe mohato wa semela, se lokela ho feta mehatong e mene ya mahlaku ho ya ho ya mahlaku a leshome le metso e tsheletseng.
Phepo le kgatello ya metsi ntlheng ena di ka nna tsa se bake tshenyo ya saruri, le ha ho le jwalo kgolo ya silika yona e ka ameha ekasitana le palo ya kernel per ear.
Mohato wa kgolo ya ho tswala: Nako e hlokolosi ya tlhokeho ya metsi.
Mohato wa pele hape o hlokolosi wa kgolo ya ho tswala ke ho hlahella ha silika ntlheng ya tsebe. Ho hlokeha metsi a a lekaneng a nakong ena jwalo ka ha kgatello ya metsi e tla fokotsa nako ya ho hlohloreha ha modula le ho diehisa ho hlaha ha silika e be ho ba la tahlehelo ya poelo.
Matsatsi a ho lema a lokelwa ho kgethwa hantle bakeng sa ho etsa bonnete ba hore mohato ona o tsamaelana le maemo a lokileng ka tlwaelo.
Mehato ya puduloho, hlama e bonolo le hlama a thata le ona ke a bohlokwa kgolong ya ho tswala. Kgatello ya metsi ka nako ya mehato ena e ka baka koro ya boleng bo tlase le tahlehelo e hodimo ya dimela.
Mohato o semena o felletseng o latela ka potlako ka mora mohato wa hlama e thata mme ena ke nako e nepahetseng ya ho poma jwangMongobo o lekaneng o ntse o hlokeha empa ha se wa bohlokwa hakaalo, empa kgatello e matla ya metsi e ka nna ya fokodisa poelo le boleng ba koro.
Ho hola ha dimela le kotulo:
Ho hola ha dimela ke mohato wa ho qetela wa kgolo ya poone.
Molemi-rui o lokela ho beha leihlo ho ba mongobo ha koro hore a tle a qale ho kotula hang ho ba dimela di hole ka botlalo, mme mona ke ha bongobo ba koro bo se bo le ka tlase ho 15%. Malwetse a lokelwang ho hlokomelwa ka nako ena ke a ho bola ha kutu le metso ekasitana le malwetse a seqo.
Disenyi le malwetse
Ka kakaretso, ho tshwanetswe hore ho be le taolo e nang le nyalanyo ka nako eo ho lenngweng ka yona. Hona ho kenyelletsa ho latelang:
Taolo ya thibelo: mokgwa ona o sebetsa hantle haholo, le ha ho le jwalo, e seng maemong a hodimo haholo a tshwaetso ka ha moo o ke ke wa sebetsa hantle mme hape o ka baka tahlehelo e kgolo.
Taolo ya temo: mokgwa ona o kenyelletsa ho lema mobu mariha, ho ntsha lehola, ho kgetha dimela le ho fetola dinako tsa ho lema.
Dimela tse lwantshanang le dikokonyana: hona ho etseha ha o sebedisa dimela tse lwantshanang le dikokonyana. Dimela di fapana ka ho se sireletseha ha tsona malwetseng a jwalo ka ho bola ha tsebe, maize streak virus, grey leafspot, rust, cob-and tassel smut, ho bola ha kutu ekasitana le ho bola ha metso. Bakeng sa ho qoba kapa ho fokotsa sekgahla sa malwetse ana, kgetha dimela tse nang le maemo a matle haholo a kganyetso kapa mamello moo bolwetse bo itseng bo leng teng.
PAPATSO YA MEROHO
Tlhahiso ya meroho e kenyelletsa ditjeo tse hodimo ho feta tsa dimela tse ding tse ngata. Le leng la mabaka a hoo ke monyetla o ka bang kotsi o sa tsitsang mmarakeng le tlhokeho ya maemo a hodimo a tjhebahalo, phepelo e sa fetoheng le boleng mebarakeng. Hodima moo, dimela tse ngata tsa meroho di hloka metsi a mangata. Mabapi le ho hlahisa mawa a papatso ho bohlokwa ho leka ho fumana dipoelo ka dihlahiswa tsa meroho ho sa natswe hore maemo a komello a ba teng kapa tjhe. Ha ho lebelletswe maemo a komello, ho bohlokwa ho ba le bareki le dibaka tsa papatso tsa dihlahiswa tsa kereiti e tlase. Fokotsa ditjeo tsa kotulo, ho kenya ka dipakaneng le papatso ha ho kgoneha. Tlhahiso e sentsweng ke komello ya thepa e nngwe e ka ba molemo dikhampaning tse ding tse sebetsang ka meroho. Kgetho tsena di ka ba mmalwa, empa thekiso tse ding di ka kgonahala. Iteanye le dibaka tse nang le bokgoni nako e sa le teng ho batlisisa ka ditlhophiso tsena.
TAOLO YA MEHLAPE
Boloka diphoofolo tse loketseng sebaka e be o etsa tekolo ya kgafetsa ya naha mme o lokise le sekgahla sa mehlape ka ho ya ka tshwanelo.
Batlisisa hore ke palo efe ya dikgomo tse tswalang tse ka bolokwang tlasa maemo a mabe haholo mme o boloke dikgomo tseo jwalo ka mohlape o bohareng. Tsena ke dikgomo tse tswalang tse ntle ka ho fetisisa tse kgethuweng bakeng sa mesebetsi e itseng le ka baka la tshebetso ya tsona ya pejana, o sebedisa dithuso tsohle tseo o nang le ho di fihlela, mohlala. (Direkoto, tekolo bakeng sa ho ona hore di sebetsa hantle).
Boloka tse tshehadi tse ntle haholo mme o bokelle tse tsofetseng hape tse se nang tlhahiso
Rekisa mehlape e fetang palo e batlehang mme o bokelle e nang le tlhahiso e fokolang ha mehlodi ya phepo e ya e fela
Fana ka di-lick tse tshwanetseng, le mefuta e meng ya dijo bakeng sa ho boloka phepo e hlokehang ka nako eo makgulo a hlasetsweng ke komello mme ka kakaretso a nang le phepo ya boleng bo tlase.
Sebedisa dimela tse setseng kapa dimela tse sentsweng ke komello bakeng sa phepelo ya phepo ya tshohanyetso. Nqeng tsena, e ba le tlhokomelo e kgolo bakeng sa ho etsa bonnete ba hore dikokonyana tse kotsi diphoofolong ha di yo kotulong e setseng ka ha hona ho ka senya bophelo ba mehlape ya hao.
Tlasa maemo a mabe ka ho fetisisa, nka diphoofolo o di ise kampong mme o di fe dijo
Laola kgafetsa malwetse a diphoofolo le dinwamadi
Fepa diphoofolo tse emereng le tse hlahisang lebese matsweleng hantle
Kgutlisetsa morao nako ya ho kopanya phoofolo e tona le e tshehadi ka nako tsa komello e kgolo
Etsa hore diphoofolo di fule pele sebakeng se nang le makgulo a matle.
Hasanya dibaka tsa metsi ka ho lekana makgulong ho qoba hore di se ke tsa fula feela pela metsi.
Ha nako ya ho na ha pula e salletse morao, nahana ka ho lema furu e holang ka potlako e jwalo ka teff, babala kapa millet bakeng sa phepo ya ka nako ya komello
Qeta dimela tse hlaselang ka dinako tsohle
MAWA A PHEPO KA NAKO YA KOMELLO
Tlasa maemo a komello o tshwanetse ho hlahisa morero wa mehato eo o tla e nka ho hlokomela mehlape ya hao.
Hlwaya palo ya dijo tsa eneji tse hlokehang ka ho ya ka makgulo a leng teng kapa boleng ba eneji ba furu e bolokilweng e be o qala ho sheba mehlodi e meng ya phepo.
Dihlahiswa tse ding tse tswang korong, dilamunung, matokomaneng di ka sebediswa jwalo ka phepo, ekasitana le borotho bo senyehileng le koro ya jwala. Kopa ba ofisi ya Extension ho o neha tlhahisoleseding e eketsehileng ya dihlahiswa tsa phepo e be o hopola ho etsa dipapiso tsa ditjeo/hlophollo pele o reka ho etsa bonnete ba hore o lefa theko e utlwahalang ya dijo tsa tshohanyetso.
Neha mohlape wa dikgomo phepo e nepahetseng ya diminerale. ?Letswai, calcium le phosphorus e ka ba tsona tsa bohlokwa haholo?.
Eneji e ka ba yona phepo e haellang haholo ka nako ya komello. Koro, furu, le dihlahiswa tse ding di ka sebediswa bakeng sa ho fana ka eneji. Molawana o akaretsang ke wa hore o se ke wa fepa ka hodimo ho 2.5% ya boima ba mmele jwalo ka koro ya tlatsetso. Ho hong ho ka hodimo ho mona ho ka ama thuiso ya furu.
Ha pula e ka na, tjhentjha dikgomo makgulong ka ho ya ka moo o ka kgonang bakeng sa ho hlokomela jwang bo leng teng.
Makgulo a okametsweng ke komello e ka na ba ha a na diprotheine tse lekaneng. Ditekanyo tse fokotsehileng tsa kemaro di ka ba teng ka nako mme le sunflower meal ekasitana le di-protein meal tse ding di ka sebediswa.
Ha ho kgoneha hirisa sebaka sa makgulo bakeng sa ho fokotsa tekano ya mehlape masimong a hao.
PAPATSO YA MEHLAPE
Nako ya ho rekisa mehlape le boemo ba mehlape ka nako eo e rekiswang ka yona ke tsona dintho tsa bohlokwa. Tlhahisoleseding ya nako e fetileng ya mmaraka e ya fumaneha hore e ho thuse ho beha theko ya mehlape ya hao ka nako ya komello le ka mora yona. Phokotso ya dipalo tsa mehlape ka mokgwa o ikgethang mathwasong a komello hangata ke ntho e ntle.
Thekiso ya mehlape
Ha mehlape e rekiswa mathwasong a nako ya komello, ditheko tse fumanwang e ba tse ntlenyana hobane mehlape e tlohe e le boemong bo utlwahalang bo nang le botsitso mmarakeng. Hape, ditjeo tsa ho fepa di a qojwa.
Boloka mehlape eo ho leng bonolo ho sebetsana le yona ka nako ya komello hape e tla ba le tlhahiso haholo kapa e fane ka dipoelo tse ntle ka mora komello. Mohlala, dinku hangata di fana ka persente e tshwanang hape e hodimo ya poello ha o beeleditse ho tsona ho ena le dikgomo. Ha komello e ka nka nako e telele, ke moo leano lena le tla bonahala hantle.
Ha komello e le kgutshwane mme persente e nyenyane ya mehlape e e rekisitswe, mehlape e setseng e ka tlisa ditlhapiso mohlomong ka ho ba le tshebetso e eketsehileng phoofolo ka nngwe ka baka la ho fokotseha ha sekgahla sa mehlape. Ho ka nna ha se hlokehe hore o reke hape mehlape e meng.
Ka komello ya nako e telele le persente e hodimo ya mehlape e rekiswang, ntlha ya bohlokwa e ba ya kgonahalo ya ho reka hape mehlape ka ditheko tse utlwahalang ha maemo a ntlafala.
Ditheko tsa mehlape mokgahlelong o latelang wa komello hangata ha di eketsehe haholo, hobane ditjhelete tse bolokilweng le tsona di theohile.
Thekiso ya mehlape mathwasong e ka baka matlotlo a fetolelwang tjheleteng bakeng sa ho etsa hore molemi-rui a kgone ho tswella, mme hoo ho tla thusa kgwebo ho tswela pele bakeng sa nako e telele.
Ha komello e ntse e tswela pele, rekisa mehlape ho fihlela o setse ka e mmalwa ya bohlokwa e sa leng metjha, ya di tshehadi, e tla ba bohlokwa ha komello e fela mme e kgone ho ba le tlhahiso e hodimo haholo boemong boo.
Faola tse tona ka nako ya komello e nkang nako e telele ho qoba ho eketseha ha mehlape.
TAOLO YA TSHEBEDISO YA METSI
Tshebediso ya metsi a lapeng le a tshimo ya lapeng:
Baballa phepelo e leng teng ya metsi
Ntsha lehola la metsi
Fokotsa tshenyo ya metsi le ditahlehelo
Lokisa dipeipi tse dutlang ho qoba tahlehelo e sa hlokeheng ya metsi
Ho tshwanetswe hore ho sebediswe mehlodi e meng hape ya metsi boemong bona, mohlala, metsi a kotulo lapeng ka dinako tsa dipula
Temothuo ya nosetso
Nosetsa ka nako eo boemo bo phodileng ho fokotsa moyafalo, haholoholo bosiu
Tlosa lehola lohle le nang le peo mme o boloke leo le se nang peo sebakeng se ka hodimo sa mobu ho fokotsa moyafalo
Fumana dipeo tse tshwanetseng tse tla lengwa bakeng sa boemo bo itseng ba tlelaemete
Nahana ka maemo a matamo mme o latele dipehelo tsa metsi ka dinako tsohle
Hasa ntlha ya metsi ka ho lekana dibakeng tsohle tsa ho fula ho qoba ho hasana ha mafu
Etsa bonnete ba hore ho ba le metsi a lekaneng ka nako e itseng ya sehla mme o a baballe ha ho kgoneha
Tshebediso ya metsi hantle mme ha mehlodi yohle ya metsi e se e omme, tlaleha ka potlako Lefapheng la selehae la Ditaba tsa Metsi le Meru
TAOLO YA NAHA
Lekola bokgoni ba tikoloho e leng teng ya makgulo (ke hore, tekolo ya tshireletseho ya komello: ka bobedi boemo le tshekamo ya makgulo) mme boloka ditekanyo tse tshwanetseng tsa ho ba le mehlape. Naha e nang le kgoholeho e ngata e ka angwa hampe haholo ke ho fula ho fetang tekano ka nako ya komello, ka hoo ho boloka jwang bo lekaneng bakeng sa ho sireletsa ke yona ntho e ka sehloohong mobung o nang le kgoholeho.
Batlisisa / hlwaya bokgoni ba sebaka sa ho fula ka ho kgetha mokgwa o tsamaelanang hantle haholo le maemo a hao, mohlala, weaner versus tlhahiso ya dipholo, mme hona ho itshetlehile hodima mofuta wa Naha le palohare ya pula.
Etsa bonnete ba hore sebaka sa hao sa makgulo se arolwa ho ba dikampa mme o potise diphoofolo ka ho fapana ha dikampa (ke hore, sebediswa hoo ho thweng ke rotational grazing); mme ka mehla beha leihlo diphoofolong tse fulang, o ntse o etsa bonnete ba hore di fula halofo mme di siya halofo, ho etsetsa hore ha ho na ho fula ho fetang tekano.
Ka mehla qoba hore mehlape e fule ho feta tekano ka ha hona ho baka tshenyo naheng. Hona ho bakwa ke ho ba le mehlape e fetang tekano.
Etsa lenane la dihlahla le difate tse bolokehileng hore di ka jewa; tsona di ka pongwa tsa behwa hantle bakeng sa phepo tlasa maemo a tshohanyetso.
Laola diphedi tse futuhela le lehola ka ha tsona di hlodisana le dimela tsa furu bakeng sa mongobo wa mobu le sebaka sa methapo.
Qoba mello ya naheng ka ho lekola ka mehla boemo ba lehodimo le ho kenya di dithibelamollo.
Dithibelamollo di lokelwa ho lekolwa ka mehla bakeng sa ho qoba tshenyo tse sa batleheng tsa mello ka nako tsa sehla sa mello. Bao ba tjhesang naha bakeng sa merero ya ekholoji ba eletswa hore ba nahane ka Molao wa Naha wa Mello ya Merung wa No. 101 wa 1998 o bolelang hore monga mobu o tlameha ho lokisa le ho boloka sethibelamollo mme a etse le bonnete ba hore, mabapi le boemo ba lehodimo, tlelaemete le ditlama tsa tikoloho, ho elwe hloko hona ho latelang ka ho kenya dithibelamollo (kgaolo ya 4 ya Molao wa Naha wa Mello ya Naha le Meru wa No. 101 wa 1998):
Tsona di lokela ho ba batsi ka mokgwa o lekaneng mme di be telele hantle bakeng sa ho ba le monyetla o utlwahalang wa ho thibela mello ya naha hore e hasane ho ya naheng e haufi.
Di se ke tsa baka kgoholeho ya mobu mme
Di se ke tsa ba tse tshwarang mollo ka tsela e tla hasana mollo naheng yohle.
Molao wa Taolo ya Kodua (Molao wa No 57 wa 2002) o ipiletsa ho Diprovense, batho le balemi-rui, hore ba lekole le ho thibela kapa ho fokotsa menyetla e ka bakang kotsi tsa dikoduwa ka ho sebedisa tlhahisoleseding ya temoso nako e sa le teng hara tse ding.
Balemi-rui ba kgothaletswa ho lekola agro-meteorological advisories ho tswa lefapheng la Temo le tsa bolepi tse atolositsweng ho tswa Tshebeletsong tsa Bolepi tsa Afrika Borwa kgwedi le kgwedi. Balemi-rui hape ba eletswa ho abelana ka tlhahisoleseding ena le ba bang.
